Polokeho Sekolong
Kakaretso ya polokeho sekolong:
• Thuto ke e nngwe ya ditshiya tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa mohaho tseo ho hahuwang ho tsona mokgatlo wa batho o nang le tekatekano, kopano le ntshetsopele.
• E le hore ho fihlellwe diphetho tse ipabollang tsa thuto ho na le maemo a tlang ho ba teng pele ho tsohle.
• E nngwe ya dintho tsena tse tlamehang ho ba teng pele ho tsona ke baithuti le matitjhere a ikutlwang a bolokehile le ho sireletseha dikolong le tseleng e yang dikolong le ho kgutla dikolong.
• Ka maswabi, mona Afrika Borwa, jwalo ka dinaheng tse ngata tse ding tsa lefatshe, dikolo di na le dintwa le diphephetso tse ding tsa polokeho e tshireletseho.
• Polokeho le tshireletseho dikolong e bontshwa ka mokgwa o hlakileng ka ho fetisisa ho Moralo wa Naha wa Ntshetsopele (National Development Plan) hammoho le ho Tjhebo ya Mmuso wa Afrika Borwa (South African Government’s Vision) bakeng sa 2030.
Mananeo a Sekolo a ho sebetsana le diphephetso dikolong ke a latelang:
• Ho hokahanya dikolo le seteishene sa Mapolesa.
• Ho theha le ho rupella komiti tsa polokeho le tshireletseho dikolong.
• Kabo le thupello mabapi le ho sebedisa disebediswa tsa teko ya dithethefatsi.
• Mananeo a temoso mabapi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi (TADA).
• Maqulwana a etsang tlolo ya molao le ho Hloriswa ha bana ba bang sekolong.
• Ho tsamaisa matsholo a ho penya le ho tshwara batlodi ba molao