Kgetha Puo


Image

Leano la LAIS le nkuwe ho tswa ho Lenaneo la Naha la Boiphihlelo la Barutwana la Lefapha la Naha la Thuto ya Motheo (National Department of Basic Education’s National Strategy for Learner Attainment (NSLA)) ka sepheo sa ho thusa diprovinse ho kenya tshebetsong diphetoho tse ka lebisang diphethong tse ntlafaditsweng tsa baithuti ka tshebediso ya Sistimi ya Thuto ya Motheo (Basic Education System).

Dibaka tsa bohlokwa tsa kenello tse ileng tsa hlwauwa ke LAIS di boetse di netefaditswe ke diphetho tsa Tekolo ya Naha ya Selemo le Selemo (Annual National Assessment (ANA)) bobedi ka 2013 le 2014.

Ditshiya tse hlano di ile tsa hlongwa jwalo ka majwe a hukung a meralo ya lefapha ho fihlella mosebetsi wa ho thusa dikolo mme tsena di kenyelletsa:

Ditshiya tse Hlano tsa LAIS

  • Moralo wa ho Bala le Dipalo
  • Tshehetso bakeng sa Baithuti ba Kreiti ya 12
  • Ho thusa dikolo tse sa sebetseng hantle tsa GET le FET.
  • Ho kgothaletsa le ho tsitsisa tshebetso ya dikolo.
  • Ho Etsa hore Dikolo tse nang le Ditlhoko tse Kgethehileng di Sebetse.

Lebaka le tshehetsang ditshiya tsena tse hlano ke ho beha leihlo, ho etsa ditekolo le ditlhahlobo ho supa mathata ana a motheo le ho sebetsana le ona.

Ho phaella mona, mosebetsi wa ho kenya tshebetsong moralo wa ditshiya tsena ke ka ho boloka ntlafatso e tswelang pele ya tshebetso ya moithuti le botsitso ba sistimi ya thuto kaofela. Leano lena le boetse le bontsha ka ho hlakileng kamoo diphetho tse ntle di ka fihlellwang kateng haeba batho bohle ba nang le seabo thutong ba sebedisana hammoho jwalo ka mathe le leleme.