Tlilika ho hodisa karabo
Nka fumana hokae Setsi sa Thuto ya Motheo ya Batho ba Baholo (Adult Basic Education (ABET)) hokae? 
Tlilika ho Bahokahanyi ba Ditereke ba ABET ho fumana lethathamo la Thuto le Thupello ya Motheo ya Batho ba Baholo mona Kapa Botjhabela.
Ho na le meriana efe ya ho alafa ditshwaetso tsa kokwanahloko ya mokgohlane ya H1N1? 
Meriana ya oseltamivir kapa zanamivir ya twantsho ya kokwanahloko e kgothaletswa feela bakeng sa batho ba kotsing ya mathata ana.
Meriana e Fumanwang ka Lengolo la Ngaka 
Sebedisa meriana bakeng sa ho kokobetsa matshwao a ho kula jwalo ka ha ho hlokahala bakeng sa mokgohlane le bohloko ka meriana e jwalo ka paracetamol kapa ibuprofen. Ha o a tshwanela ho sebedisa meriana ena kamehla haeba matshwao a hao a ho kula a ntlafala. O se ke wa neha bana kapa batjha ba nang le dilemo tse 18 kapa tse ka tlase ho moo aspirin (acetylsalicylic acid) kapa dihlahiswa tse nang le aspirin. Bana ba banyenyane ba ka tlase ho dilemo tse 4 ha se fuwa meriana e rekwang khaothareng bakeng sa sefuba pele ho buisanwa ka sena le mohlokomedi wa bophelo. Haeba o laelwa ke ngaka ho sebedisa moriana wa twantsho ya kokwanahloko o sebedise jwalo ka ha o laetswe (moo ho sebetsang - sheba 5 mona ka tlase). Tswela pele ho kwahela molomo wa hao ha o kgohlela le ho hlapa matsoho a hao kgafetsa (esita le haeba o ntse o nwa meriana ya twantsho ya kokwanahloko), ho thibela ho namisetsa mokgohlane bathong ba bang.
Letsetsa tliliniki/GP haeba wena (kapa ngwana wa hao) a na le ditlamorao dife kapa dife; ke hore, ho nyekelwa ke pelo, ho hlatsa, lekgopho, kapa le itshwara ka tsela e sa tlwaelehang.
Na teko dithethefatsi e dumeletswe? 
Ka boyona feela, teko ya dithethefatsi ke kenello lekunutung la motho le ho hatikelwa ha ditokelo tsa molao wa motheo le tsa botho tsa baithuti. Ka hoo ha e a lokela ho ba ntlha ya pele e sebediswang ya kenello.
Na ho bohlokwa ho ngodisa ngwana ho Kreiti ya R? 
E, Thuto ya Bana ba sa le Banyenyane (Early Childhood Education) e thusa bana hore e be baithuti ba betere. Ba ithuta ha ba ntse ba bapala le metswalle ya bona, le ha ho le jwalo, ho kena ho Kreiti ya R ha se tlameho.
Motho a ka hlahloba hokae hore dihlapiso tsa penshene ya titjhere ya mehleng e lefuwe? 
Letlole la Dipenshene tsa Basebetsi ba Mmuso (Government Employees Pension Fund (GEPF))
Mohala wa ditlaleho: 0807 723 646/ 0800 117 669
Setsi sa Mehala: (012) 319 1000
Na ho na le Dibasari bakeng sa Baithuti? 
E. Lefapha le entse Sekema sa Dibasari tsa Dikoletjhe tsa Thuto le Thupello e Phahameng (FET College Bursary Scheme). Ka morero ona wa basari DoE e fana ka thuto ya matsoho (vocational) le thupello Dikholejing tsa mmuso tsa FET.
Moithuti o Amohela ho Kreiti 1 ha a na le Dilemo tse Kae? 
Dilemo tseo moithuti a amohelwang ka tsona sekolong sa mmuso bakeng sa kreiti ya 1 ke ha a tshwara dilemo tse hlano ka la 30 Phupjane selemong seo a amohelwang ka sona.
Bakeng sa ho amohelwa ho kreiti R ke ha a tshwara dilemo tse nne ka la 30 Phupjane selemong seo a amohelwang ka sona.
Le ha ho le jwalo batswadi ba ka kgetha ho romela ngwana wa bona ho kreiti ya R le ho kreiti ya 1 ha a batla a holahodile, ha a na le dilemo tse 5 mme a tshwara selemo sa 6 selemong seo a amohelwang ka sona bakeng sa kreiti ya R kapa dilemo tse 6 a tshwara selemo sa 7 selemong seo a amohelwang ka sona bakeng sa kreiti ya 1.
Na Sekolo se ka Tshwara Diphetho tsa Ditlhahlobo ka Lebaka la Ditefiso tsa Sekolo tse Kolotwang? 
Tjhe. Moithuti a ke ke a hanelwa kamohelo kapa ho kgethollwa ka hobane batswadi ba hao ba sa kgone kapa ba ile ba hloleha ho lefa ditefiso tsa sekolo.
ECDoE e na le Tjhebelopele le Mishini (Mission) efe? 
Tjhebelopele:
Ho neha baithuti menyetla ya ho fetoha baahi ba sebetsang ka mafolofolo le ba ikarabellang ka lebaka la thuto ya motheo ya boleng bo botle.
Mishini:
Ho kenya tshebetsong mananeo a loketseng a thuto ka thuto le ho ithuta. Ho kgothaletsa setjhaba ho ba le seabo ka ho tshehetsha ho ka karolo ha sona. Ho kenya meralong ya thuto maikutlo a boikarabelo maemong kaofela a Lefapha.
O ka Lokollwa Neng Boikarabelong ba Ditefiso tsa Sekolo? 
Batswadi ba ka fumana tokollo boikarabellong ba ditefiso tsa sekolo ho itshetlehile ka lekeno la bona le kopantsweng la selemo pele ho dikgulo.
Dihlopha tsa ho lokollwa boikarabelong ba ditefiso tsa sekolo ke tse latelang:
Haeba lekeno la batswadi le kopantsweng pele ho dikgulo le le ka tlase ka makgetlo a leshome ho ditefiso tsa sekolo tsa selemo bakeng sa moithuti ka mong, motswadi o tshwaneleha bakeng sa tokollo e feletseng boikarabellong ba ditefiso tsa sekolo mme haeba lekeno le kopantsweng pele ho dikgulo la batswadi le le katlase ho makgetlo a mashome a mararo ho tefiso ya selemo ya moithuti ka mong empa ka hodimo ho makgetlo a leshome a ditefiso tsa selemo tsa selemo bakeng sa moithuti ka mong, motswadi o tshwaneleha bakeng sa karolo e sa fellang ya tokollo boikarabelong ba ditefiso tsa sekolo haeba lekeno la selemo le kopantsweng pele ho dikgulo le feta ka makgetlo a le mashome a mararo ka selemo pele ho dikgulo bakeng sa moithuti ka mong, motswadi a ke ke a tshwaneleha bakeng sa tokollo boikarabelong ba ditefiso tsa sekolo. Dihlopha tsena di sebetsa haeba ditefiso tsa sekolo tsa selemo di sebetswa ho ya ka karolo ya 39 ya Molao (section 39 of the Act).
Motswadi ya lakatsang hore a lokollwe boikarabelong ba ditefiso tsa sekolo bakeng sa moithuti ka mong sekolong se qollehileng o tlameha ho etsa kopo ka lengolo ho modulasetulo wa sehlopha se laolang foromong eo a ka e kopang sekolong.
ECDoE e Fana ka Dibasari Dife? 
Basari ya Funza Lushaka ke lenaneo le reretsweng ho kgothaletsa ho thaothwa bakeng sa ho ruta ka ho kgethehileng dibakeng tse etelletswang pele (tsa mahaeng).
Sekema sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti sa Naha (National Student Financial Aid Scheme (NSFAS)) ke basari/kadimo e fumanehang bakeng sa baithuti ho tswa dibakeng tse dikobo-di-mahetleng e le hore ba ithute Ditheong tsa Thuto e Phahameng (Institutions of Higher Learning). Diforomo tsa kopo di fumaneha diofising tsa Thuso ya Ditjhelete ho Batihuti (Student Financial Aid) bakeng sa Ditheo kaofela tsa Thuto e Phahameng.
Na Ngwana a ka Hanelwa Ngodiso? 
Dibaka tse ding tsa kamohelo ya baithuti (feeder zones) di thehilwe ka sepheo sa ho laola dipalo tsa baithuti dikolong le ho hokahanya dikgetho tsa batswadi. Kgetho ya pele e tlameha ho fuwa moithuti ya dulang setsing sena kamohelo ya baithuti sekolong seo.
Moithuti ya dulang kantle ho setsi seo sa kamohelo ya baithuti a ka kopa ho amohelwa sekolong sefe kapa sefe seo a se kgethang, le ha ho le jwalo, phihlello sekolong seo a se kgethang e ke ke ya tiiswa
Nka etsang Jwang Kopo bakeng sa Basari ya Kholeji ya FET? 
Ngodisa ho Public FET College bakeng sa NC(V) Programmes le ho etsa kopo bakeng sa basari.
Ho Thibela Moithuti ka Nakwana hore a se Tle Sekolong 
Sehlopha se buang dikolong tsa mmuso, kamora ho mamela ka mokgwa o se nang leeeme, o ka laela moithuti hore a se tle sekolong ka nakwana e le mohato wa kgalemelo empa e seng ho feta beke e le nngwe kapa kamora ho buisana le Hlooho ya Lefapha (Head of Department), ho ipapisitswe le qeto mabapi le hore na seithuti se tlameha ho lelekwa sekolong ke Hlooho ya Lefapha.
Re ka Tlaleha Hokae Dihlooho tsa Sekolo le Matitjhere a Bobodu Dikolong tsa Mmuso? 
Ka tlaleha bobodu bofe kapa bofe Ofising ya Setereke kapa Ofisi e Kgolo.
Na Ngwana wa Hao a ka Lelekwa Sekolong Kahobane a Imme? 
Mmuso o ke ke wa tshwara ka leeme kapa ho kgetholla ka kotloloho kapa e seng ka kotloloho mang kapa mang ka lebaka le le leng kapa ka mabaka a mang, ho kenyeletswa le moloko, bong, boimana, boemo ba lenyalo, nalane ya kgodiso, tshekamelo ya bong, dilemo, boqhwala, bodumedi, letswalo, tumelo, puo le tswalo.
Ke ya hokae bakeng sa ho kopitsa Setifikeiti sa ka sa Matriki? 
Ka kopo letsetsa Mong Siphelele Mazomba ho tswa Examinations and Assessments.
Selefounu: 073 522 4314
Aterese ya Mohaho: Steve Vukile Tshwete Education Complex, Zone 6, Zwelitsha, 5608
Aterese ya Poso: Private Bag X0032, Bhisho, 5605
Tlelika ho Resource Centre le ho kgetha diforomo ho daunlouda foromo ya kopo haeba setifikeiti se lahlehile, ho tlatsa kopo o tlameha ho lefa R97 ho Standard Bank (dintlha di ngotswe foromong) le ho kenya bopaki ba tefello, khopi ya ID ya hao le hore foromo ena e saenwe ke commissioner of oaths.
Mehato eo e meraro e bonolo e tla ba bakeng sa ho tlatsa foromo ya kopo.
Hang ha o entse sena o tlameha ho romela foromo ofising e haufi ya setereke (Exams office). O tla fumana setatement sa setshwantsho hanghang kamora ho kenya kopo ya hao mme o tla fumana setifikeiti sa sebele se hatisitsweng ke Umalusi nakong ya beke tse 4-6.
Lefu la Sewa la H1N1 la kokwanahloko ya Mokgohlane ke eng? 
Lefu la sewa la kokwanahloko ya mokgohlane la A(H1N1) ke setho se setjha sa lelapa la kokwanahloko ya mokgohlane. Dikokwanahloko tse fapaneng tsa mokgohlane di baka mokgohlane ka dihla tsa selemo (mariha) mme, ka dilemo tse ding le tseng tse mashome a mmalwa, ho hlaha lefu la sewa la lefatshe lohle.
Dikokwanahloko tsa mokgohlane di tshwaetsa dinonyana le diphoofolo tse nyantshang le mefuta e qollehileng. Nako le nako dikokwanahloko di fetela mefuteng e meng. Ho bonahala lefu la sewa la A(H1N1) le qadile difariking (dikolobeng); le ha ho le jwalo ha le name difariking kapa ho tloha dikolobeng ho kena an ang empa feela bakeng tsa batho.
Mokgohlane wa sehla sa selemo an ang o bolaya an ang 6000 ho isa ho 10 000 ka sehla se seng le se seng sa mariha mona Afrika Borwa le mafu a pakeng tsa 250 000 – 500 000 lefatsheng ka bophara, boholo ba batho ba nang le dilemo tse ka hodimo ho 65 le an ang le maemo a bongaka a lefu le sa foleng. Ho fapana le sena, an an ya lefu la sewa la mokgohlane boholo ba an ang ileng ba hlokahala ke bana le an ang phetseng hantle. Palo ya mafu a etsahalang an an ya lefu la sewa la mokgohlane e fapana haholo, ho itsetlehile ka hore na kokwanahloko ena e bohale hakae, empa ho boetse ho na le mabaka a mang a ka amang batho ba bangata haholo sebakeng se le seng, a amang motho, phihlello tlhokomelong ya an ang, le mehato ya thibelo. Bakeng sa lefu la sewa la mokgohlane ka 1918 ho file le mafu a an ang lekanyetswang ho dimillione tse 25 ho isa ho tse 40 lefatsheng ka bophara e leng palo eo ho buuwang ka yona kgafetsa. Dipalo tse hakanyetswang bakeng sa mafu lefatsheng ka bophara ka lebaka la mafu a sewa ka 1957 le 1968 di bile pakeng tsa millione o le mong le dimillione tse pedi.
Matshwao a lefu la mokgohlane 
Ke matshwao a tshwanang bakeng sa lefu la sewa le mokgohlane wa sehla sa selemo. Matshwao a tlwaelehileng a kenyeletsa ho hlaselwa ke feberu (high fever), ho kgohlela, dinko tse tswang mamina haholo kapa tse thibaneng, mmetso o bohloko, hlooho e opang, mmele o bohloko, mohatsela, mokgathala, le ho fellwa ke takatso ya dijo. Batho ba bang ba ileng ba angwa ke mokgohlane an an ba tlaleha ho nyekelwa ke pelo, ho hlatsa, le letshollo.
Ke bomang ba leng Kotisng ya Mathata ana? 
Batho (an ang baholo kapa bana) an ang le boemo ba bongaka bo ntseng bo le teng le ba fumanang tlhokomelo ya kamehla bakeng sa tlhokomelo ya bongaka ya lefu le sa foleng la matshwafo (ho kenyeletswa le letshwea/asma) le lefu la pelo (ho kenyeletswa le kgatello e phahameng ya madi (hypertension), mafu a sa foleng a diphio le sebete, lefu la tswekere le mathata a mang a tshebetso ya mmele (metabolism).
Batho ba nang le tshwaetso ya masole a mmele a hateletsweng, (tshwaetso ya HIV, jl.)
Batho ba baholo le bana ba nang le boemo bofe kapa bofe (ka mohlala, mathata a ho utlwisisa, ditemalo lesapong la mokokotlo, sethwathwa kapa mathata a mang hara mesifa.
Bana le batjha ba sebedisang kalafo ya aspirin le ba leng kotsing ya Reyes syndrome haeba ba e ba le kamano le mokgohlane wa mofuta ofe kapa ofe.
Batho ba dulang dibakeng tsa tlhokomelo ya maqheku, le dibakeng tse ding tsa tlhokomelo ya mafu a sa foleng.
Batho ba nang le kopano le basadi ba baimana ba se nang matshwao a mokgohlane ba tlameha ho tswela ka mesebetsi ya bona ya letsatsi le letsatsi, ho kenyeletsa ho ya mosebetsing kapa sekolong, ho sa natswe hore na e be ba ile ba kopana le motho e mong eo ho tlalehilweng hore o na le mokgohlane wa H1N1 kapa tjhe.
Na ke tlameha ho etsa teko? 
Ka ho tlwaelehileng diteko tsa laboratori bakeng sa batho ba nang le mokgahlane HA di kgothaletswe, di a tura mme ha se na kgahlamelo kalafong. Diteko tsa laboratori di kgothaletswa feela bakeng sa bakudi ba latelang ba nang le matshwao a ka hodimo mme ba na le boemo bo hlakileng ba lefu le totileng la ho hema mme sephetho se bontshang boteng ba tshwaetso ena bo ka amang kamoo mokudi a hlokomelwang kateng.
Bakudi ba nang le mafu a mang a ntseng a le teng mmeleng wa bona le ba leng kotsing ya mathata a mahlonoko (sheba 10 mona ka tlase) mme ba na le matshwao le dipontsho tsa bokudi bo totileng haholo ba ho hema. Dihlopha tsa diketsahalo tseo ho ileng ha fumanwa sesosa sa sewa di a hlokahala. Motho o ile a hlokahala moo lefu la sewa la mokgohlane wa A(H1N1) o ile wa belaelwa e le sesosa sa ho hlokahala.
Nako eo o Tlamehang ho Batla Tlhokomelo Maemong a Tshohanyetso 
Haeba ngwana wa hao o na le efe kapa efe ya tse latelang: Sekgahla se potlakileng sa ho hema kapa bothata ba ho hema Mmala o moputswa kapa o mosehla letlalong Ha a kgone ho nwa mekedikedi e lekaneng Lehlatso le totileng kapa le sa kgaotseng Ha a tsohe kapa o feletswe ke thahasello Ngwana o kwata kapele mme ha a batle ho tshwarwa Matshwao a kang a mokgohlane a a ntlafala empa a kgutla sekwele ka feberu le ho kgohlela ho mpefetseng.
Nka Fumana Hokae Foromo ya Kamohelo? 
T.B.C
O etsa jwang kopo bakeng sa setifikeiti se Lahlehileng kapa ho fumana se nkelang sebaka 
Ditokomane tse Hlokahalang ho tswa ho Mokopi:
Foromo e tlatsitsweng ya kopo.
Fane le mabitso a sebedisitsweng nakong ya ho ngola tlhahlobo Khopi ya ID (e netefaditsweng - mohla ho yona o se fete dikgwedi tse 6)
Affidavit e saenweng le ho hatiswa setempe ho tswa ho SAPS, e hlalosang boemo ba setifikeiti sa mantlha Bopaki ba tefello ka ho bontsha rasiti (R141.00, e ka fetoha)
Temoso: Setifikeiti sa pele e tla hlakolwa ha ho ntshuwa setifikeiti se nkang sebaka sa sona
Ke kopanya jwang diphetho tsa ka tsa matriki 
Ditokomane tse Hlokahalang ho tswa ho Bakopi:
Dikhopi tsa diphetho di kopantswe.
Khopi ya ID (e netefaditsweng - mohla ho yona o se fete dikgwedi tse 6).
Tefello (R141.00, e ka fetoha, haeba mokopi a tshwaneleha).
Nka fumana jwang hape setifikeiti sa ka sa matriki? 
Diphoso tsa Botsamaisi
(mehlala: ho se pelete hantle lebitso le fane, nomoro e fosahetseng ya ID kapa letsatsi la Tswalo ka lebaka la diphoso nakong ya ho thaepa)
Ditokomane tse Hlokahalang ho tswa ho Mokopi:
1. Foromo ya kopo e bontshang ka ho batsi phetoho e hlokahalang.
2. Afidavite e nang le dintlha tse qaqileng e bontshang dintho tse latelang:
a) Lebitso, Fane, Nomoro ya ID/Letsatsi la tswalo, dintlha tsa motho ya amehang, netefatso mabapi le hore motho enwa ka nnete ka mong wa setifikeiti;
b) Lebaka la kopo;
c) Lebaka la ho se lemohe phoso pele ho ntshuwa setifikeiti;
d) Mehato e nkuweng ho lokisa phoso pele ho ho ntshuwa ha setifikeiti.
3. Khopi ya tokomane ya ID e netefaditsweng kapa Setifikeiti sa Tswalo (mohla ho yona o se fete dikgwedi tse 3) tse ntshitsweng pele o ngola ditlhahlobo.
4. Setifikeiti sa Mantlha sa Umalusi.
Ditokomane tse Hlokahalang ho tswa Seterekeng / Provinsing
• Afidavite e tswang Seterekeng / Provinsing e bontshang:
• hore na phoso e lemohuwe jwang;
• hore na ke mehato efe e ileng ya nkuwa bakeng sa ho lokisa phoso;
• hore na ke mehato efe e ileng ya nkuwa ho thibela phoso e tshwanang nakong e tlang.
Tlhahisoleseding ya Bohlokwa:
Ha ho diphetoho tse tla etswa ho setifikeiti se nkelang se seng sebaka ntle le haeba lefapha ka phoso le ile la kopa setifikeiti se nkelang se seng sebaka. Boemong bo jwalo, setifikeiti se nkelang se seng sebaka se tla kgutlisetswa ho Umalusi.
Tokomane ya ID / setifikeiti sa letsatsi la tswalo tse fanwang kamora ho ngola ditlhahlobo di ke ke tsa amohelwa.
Umalusi e boloka tokelo ya ho etsa kopo ya tlhahisoleseding e eketsehileng le/kapa puisano le mokopi ho tshehetsa dikopo tse jwalo.
Phetoho ya Matshwao
Ditokomane tse hlokahalang ho tswa ho mokopi:
1. Lebitso, Fane le Nomoro ya ID/ Letsatsi la Tswalo, dintlha tsa boikopanyo tsa mokopi.
2. Khopi ya tokomane ya ID e netefaditsweng/ Setifikeiti sa Tswalo (mohla ho yona o se fete dikgwedi tse 3) tse ntshitsweng pele o ngola ditlhahlobo.
3. Setifikeiti sa Mantlha sa Umalusi.
Ditokomane tse hlokahalang ho tswa Seterekeng / Provinsing:
1) Foromo ya kopo;
2) Khopi ya leqephe la ho tshwara (marksheet);
3) Khopi ya leqephe le ka pele la buka ya dikarabo (jwalo ka bopaki ba letshwao le nepahetseng);
4) Khopi ya motjha wa oditi ya rekoto ya mokopi e bontshang diphetoho tse amehang.
5) Affidavit e tswang Seterekeng / Provinsing e bontshang:
a) Lebitso, Fane le Nomoro ya ID/ Letsatsi la Tswalo, dintlha tsa boikopanyo tsa mokopi;
b) Phetoho e kopjwang;
c) Lebaka la phetoho e kopjwang;
d) Hore na phoso e lemohuwe jwang;
e) Ke hobane ha ho entswe kopo ena kamora hore setifikeiti se printuwe;
f) Hore na ke mehato efe e ileng ya nkuwa bakeng sa ho lokisa phoso;
g) Hore na ke mehato efe e ileng ya nkuwa ho thibela phoso e tshwanang nakong e tlang.
Tlhahisoleseding ya Bohlokwa:
Umalusi e boloka tokelo ya ho etsa kopo ya tlhahisoleseding e eketsehileng le/kapa puisano le mokopi jwalo tekolo ya semmuso ho tshehetsa dikopo tse jwalo.
Kopo e tla sebetswa nakong ya dikgwedi tse 6 kamora netefatso.
Diphetoho ka Boithaopo tsa Mokopi
A. Phetoho ya Bong:
Ditokomane ho tswa ho mokopi:
1. Foromo e tlatsitsweng ya kopo e bontshang phetoho e kopjwang.
2. Affidavit e nang le dintlha tse batsi:
a) Lebitso, Fane, Nomoro ya ID / Letsatsi la Tswalo;
b) Dintlha tsa boikopanyo tsa mokopi;
c) Netefatso ya hore ke yena ka nnete mong a setifikeiti sena;
d) Phetoho e kopjwang;
e) Lebaka la kopo.
3. Khopi e netefaditsweng ya tokomane ya ID / Letsatsi la Tswalo kapa phasepoto e sebetsang tse ntshitsweng pele o ngola ditlhahlobo (dikhopi kaofela tse netefaditsweng mohla wa tsona o se fete dikgwedi tse 3).
4. Khopi e netefaditsweng ya tokomane ya ID e bontshang Nomoro e ntjha ya ID le mabitso.
5. Lengolo le tswang ho Lefapha la Ditaba tsa Lehae le netefatsang lefapha lena, lebitso la motho ya amehang le ho ya ka Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu wa 1992, le entse diphetoho tsena ho rejistara ya batho bohle.
Tlhahisoleseding ya Bohlokwa:
Umalusi e boloka tokelo ya ho etsa kopo ya tlhahisoleseding e eketsehileng le/kapa puisano le mokopi ho tshehetsa dikopo tse jwalo.
B. Ho fetola lebitso le/kapa fane
Ditokomane tse hlokahalang ho tswa ho mokopi:
1. Dikhopi tse netefaditsweng tsa dilemo tsa moithuti ya entseng kopo le di-ID tse ntjha.
2. Dintlha tse batsi tsa kano affidavit tsa moithuti ya entseng kopo.
3. Lengolo le tswang ho Lefapha la Ditaba tsa Lehae le netefatsang lefapha lena, lebitso la motho ya amehang le ho ya ka Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu wa 1992, le entse diphetoho tsena ho rejistara ya batho bohle.
Ditokiso ho Rejistara ya Naha ya Batho Bohle
(ka lebaka la mabitso a fetotsweng, dinomoro tsa ID le Letsatsi la Tswalo)
Ditokomane tse hlokahalang ho tswa ho mokopi:
1. Foromo ya kopo e bontshang ka ho batsi phetoho e hlokahalang.
2. Afidavite e nang le dintlha tse batsi:
a) Lebitso, Fane, Nomoro ya ID / Letsatsi la Tswalo;
b) Dintlha tsa boikopanyo tsa mokopi;
c) Netefatso yahore ke yena ka nnete mong a setifikeiti sena;
d) Phetoho e kopjwang;
e) Lebaka la kopo.
3. Khopi e netefaditsweng ya tokomane ya ID/Letsatsi la Tswalo/Phasepoto e sebetsang e ntshitsweng pele ho ngolwa tlhahlobo.
4. Khopi e netefaditsweng ya tokomane ya ID e bontshang Nomoro e ntjha ya ID le mabitso.
5. Khopi e netefaditsweng ya tokomane ya molao e ntshitsweng ke Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho netefatsa diphetoho tse entsweng ho rejistara ya batho bohle.
6. Setifikeiti sa Mantlha sa Umalusi.
7. Dikhopi kaofela tse netefaditsweng mohla wa tsona ha o a tshwanela ho feta dikgwedi tse 3.
Tlhahisoleseding ya Bohlokwa:
Umalusi e boloka tokelo ya ho etsa kopo ya tlhahisoleseding e eketsehileng le/kapa puisano le mokopi ho tshehetsa dikopo tse jwalo.