Kgetha Puo


Image

Thuto e kenyeletsang bohle le e momahanyang setjhaba e etsa bonnete ba hore moithuti e mong le e mong o fumana thuto ya boleng bo phahameng le hore a ka fetoha moahi ya sebetsang ka thata le ka katleho.

Tshia ena e totobatsa karolo ya bohlokwa haholo e phethwang ke thuto mabapi le maikemisetso a ho momahanya setjhaba boitokisetsong ba bokamoso ba bana ba rona.

Thuto e kenyeletsang bohle e tla thusa ho kenyeletsa le baithuti ba sa kgoneng ho itshireletsa le ho fokotsa dithibelo tse kginang ho ithuta ka ho theha meralo e tsepamisitsweng tshehetsong le maanong a tla ntlafatsa bokgoni ba ho tshwarella dikelellong ba baithuti tsamaisong ya thuto, ka ho qollehileng baithuti ba tlohelang sekolo pele ba qeta dithuto tsa bona.

Tshiya ena e tsepamisitswe dinthong tse latelang. Leano la Tshehetso la Tekanyo e Hlwayang Tlhahlobelo: Ho kenya tshebetsong tsamaiso e atlehang bakeng sa ho hlwaya esale pele le ho thusa ka ho rarolla dithibelo tse kginang ho ithuta.

Ho kenya tshebetsong ka mokgwa o hlophisitsweng wa Ditlwaelo le Maemo Provinsing (Provincial Norms and Standards) le tshebediso ya Leano la Tshehetso la Tekanyo e Hlwayang Tlhahlobelo (Screening Identification Assessment) provinsing.

Ho latela ho kenngwa tshebetsong ha SIAS, selemong se fetileng sa ditjhelete, Lefapha le ne le lekantse pakane ya baithuti ba 2 000 ba kenyeletsang ba Kereiti ya 1 le Kereiti ya 8.

Nakong ya Lenaneo la Matsholo a Boikopanyo le Baithuti la Selemo le Selemo la MEC (Annual Outreach Programme ya MEC), baithuti ba ile ba hlahlobelwa kutlo le pono.

Ba ile ba boela ba fuwa ditshebeletso tsa Kalafo, Tlhabollo le tsa Kelello.