Lenaneo la Naha la Phepo Dikolong
HO TSHWANELEHA HA LENANEO LENA
Provinse ya Kapa Botjhabela ke lehae la bana ba 2 696 000 ba ka tlase ho dilemo tse leshome le metso e robedi (18) ba etsang dipheresente tse leshome le metso e mehlano tsa batho ba dilemo tsena Afrika Borwa. Ka 2012 bana ba ka bang 72.4 % (1 951 000) ho bana ho tlalehilwe ba phela lekeno le ba siyang ba ntse ba le bofumeng ha ba etsang 20.4 % (550 000) ho tlalehilwe ba dula malapeng ao ngwana a robalang ka mpa e lephako.
Jwalo ka moralo wa ho sebetsana le phephetso ena, nakong ya dilemo tse mashome a mabedi le motso o le mong, Lefapha la Thuto la Kapa Botjhabela ka tshebediso ya Lenaneo la Naha la Phepo Dikolong (National School Nutrition Programme (NSNP)), o fane ka dithuso tsa mmuso bathong ba kojwana-di-mahetleng bakeng sa bana bana.
Hape o kentse letsoho tabeng ya ho ntlafatsa diphetho tsa thuto ka ho hodisa bokgoni ba ho ithuta ba baithuti ba praemari, ho tla ha bona sekolong le ho fihla sekolong ka nako.
MABAPI LE NSNP
Batho bohle ba Afrika Borwa ho kenyeletswa le bana ba na le tokelo ya ho fumana dijo tse lekaneng hammoho le phepo e ntle ya motheo le thuto jwalo ka ha tokelo ena e ngotswe molaong wa motheo wa naha. NSNP ke karolo ya bohlokwa mekutung ya mmuso ya ho fihlella ditokelo tsa bana le ho fihlella dipakane tsa ho imolla bana ba kojwana-di-mahetleng.
Lenaneo lena ke boikitlaetso bo bong ba pele ba Mmuso wa demokrasi mme le tshehetswa ka ditjhelete ke Conditional Grant (Dithuso tsa Mmuso ka Ditjhelete tlasa Maemo a Itseng). Qalong lenaneo lena le ne le tsepamisitswe dikolong tsa praemari empa nakong ena le boetse le hlokomela le baithuti ba dikolo tsa sekondari ba tswang metseng e kolang ntsi ka hanong.
DIBAKA TSEO LENANEO LENA LE TSEPAMISITSWENG HO TSONA
Sepheo sa Lefapha ke ho sebetsana le bohloki bo utlwisang bohloko ba baithuti ka ho fana ka phepelo ya dijo.
Dikolo kaofela naheng di hlophisitswe ka dihlopha ho tloha ho dihlopha tse hlano tsa quintile 1 ho isa ho quintile 5 ho ipapisitswe le disebediswa kapa mehlodi e fumanehang le boemo ba setjhaba le ba ekhonomi metseng ya lehae.
Ka hoo lenaneo lena le hlokomela baithuti kaofela ba leng ho dikolo tsa praemari le tsa sekondari tsa dihlopha tse hlano tsa di-quintile 1 ho isa ho 3.
Bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2015/16 baithuti ba ba ileng ba hlokomelwa ba ile ba kenyeletsa ba 1,730 257 dikolong tse 5348 mme sena se emela keketseho ya 29% ho tloha selemong sa ditjhelete sa 2008/9.
THUTO KA PHEPO E NTLE
Sepheo sa Thuto ya Phepo e Ntle (Nutrition Education) ke ho kgothaletsa ditlwaelo tsa ho phela hantle le ho ja dijo tse nang le phepo e ntle metseng eo dikolo di leng ho yona mme sena se fihlellwa ka ho fana ka melaetsa e buang ka ditlwaelo tsa ho phela hantle ka ho sebedisa metjha ya dingolwa tse hatisitsweng pampiring le ya elektroniki hammoho le thepa e kgothaletsang dihlahiswa tse itseng.
Thuto ya Phepo e boetse e atoloseditswe ho Batshwari ba Dijo ba Baithaopi (Volunteer Food Handlers (di-VFH)) e hlophisang dijo, ho hlokomela bohlweki ba dijo, polokeho ya dijo le kgase tse thehilweng ka diwekshopo tseo e leng tlameho ho tla ho tsona nakong ya tshebetso ya tsona.
DIKGETHO TSA MENYU TSE KGOTHALETSWANG
Dijo tse phehuweng di na le diprotheini tse ngata, setatjhe le ditholwana kapa meroho tse tliswang letsatsi le leng le le leng ho fihlella baithuti kaofela mme ho ka ba molemo ha di fanwa ka 10am. Menyu ya saekele ya hanngwe ka beke e bontshang ka ho qolleha dijo e fumanehang bakeng sa dikolo ka ding tse nkang karolo mme sena se etsa bonnete ba hore ha ho fanwe ka dijo tse tshwanang.
MOKGWA WA HO FANA KA TSHEBELETSO
Ho tlola qalong ya 2011, Provinse e ile ya sebedisa model ya ho fumana bafani ba ditshebeletso le thepa eo phumano e jwalo e seng setsing se le seng. Ho model ena dikolo di fumana tshehetso ya tjhelete kotloloho ho tswa Provinsing ka dikgwedi tse ding le tse ding tse nne mme e fumana ditshebeletso bakeng sa phepelo le ho thotha dijo.
E le hore sekolo se fumane tshehetso ya tjhelete bakeng sa ho fumana bafani ba ditshebeletso dife kapa dife, ho kenyeletsa le ho fumana NSNP, ho hlokahala hore e be sa boemo ba 'Karolo ya 21' ya Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa (SA Schools Act of 1996). Boemo bona bo bontsha hore ba na le tsebo le boiphihlelo tse hlokahalang ho sebetsana le ditjhelete tsa sekolo le ho fumana bafani ba ditshebeletso kapa thepa.
Dikolo tsena di na le Setheo sa Tsamaiso ya Sekolo (School Governing Body (SGB)) ba rupellwang selemo le selmo ho tsamaisa ditaba tsa ditjhelete le ho etsa rapoto. Dikolo tse se nang boemo ba Section 21 di fuwe boemo bo sa fellang ho di thusa ho fumana bafani ba ditshebeletso bakeng sa NSNP.
HO NKA KAROLO HA BATHO MOTSENG LE MELEMO YA EKHONOMI
NSNP e hloka komiti e thehilweng sekolong bakeng sa ho beha leihlo tlhophiso le ho kengwa tshebetso ha tokisetso ya dijo tsa letsatsi le letsatsi tse fuwang baithuti mme ditho tsa motse di kgothaletswa hore di nke karolo dikomiting tse jwalo.
Ho phaella mona, lenaneo lena le boetse le sebedisa ditshebeletso tsa Volunteer Food Handlers ba lokisetsang baithuti dijo letsatsi le letsatsi. Bakeng sa selemo sena sa ditjhelete, Lefapha le ile la thonya Batshwari ba Dijo ba Baithaopo (Volunteer Food Handlers) ba 11 490. Baahi bana ba 11 490 ba leng metseng ya batho ba kojwana-di-mahetleng eo dikolo tsena di leng ho ona ba kentswe kontrakeng ya ho lokisa dijo bakeng sa baithuti mme ba fumana thuso e nyenyane ya tjhelete (stipend) ya R960.00 mme ke R132 364 800 ka selemo.
NSNP e na le seabo Ditefellong tsa Mefuputso ya Thuso ya Setjhaba (Social Wage) ha ditjeo tsa dijo di hlahiswa ka tjhelete e fihlang ho R971 734 137 ka selemo. Ho fumana dijo bakeng sa dikolo ho tswa ho borakgwebo ba lehae, dimmaraka tse ntjha le ho borakgwebo ba bang ho na le seabo se seholo ntshetsopeleng ya moruo ya lehae (local economic development (LED)).