Foromo ya Kopo ya Tlhahisoleseding ya Botho
Molao wa Tshireletso ya Tlhahisoleseding ya Botho (Protection of Personal Information (POPI)), wa Nmr. 4 wa 2013 o hloka hore mafapha kaofela a hlahlobe ditshebetso tsa ona tsa hajwale mabapi le ho sebetsa le ho sebedisa tlhahisoleseding ya botho le ho etsa bonnete ba hore dikotsi tse amanang le ho boloka lekunutu di sebetswa ka nepo. Nmr. ya Tsebiso ya PERSAL 326 ya 2014 e bontsha hore mafapha a ikarabella bakeng sa tlhahisoleseding ya ona le hore a tlameha ho ikamahanya a lomahantse meno le diprothokhole tsa tshireletso mabapi le ho abelana tlhahisoleseding ya PERSAL le batho ba bang ba kantle.
Datha ya PERSAL e kentswe sehlopheng sa dintho tseo e leng tlameho ho di boloka e le lekunutu mme di tshwanetse ho tsamaiswa jwalo. Ha foromo ya kopo ya tlhahisoleseding e tjhaelwa monwana, bolaodi bo tlasana ba Disistimi tsa Tlhahisoleseding ya tsa Tshwaro ya Basebetsi (Human Resource Information Systems (HRIS)) e tlameha ho kopa hore basebedisi kaofela ba etsang kopo ya tlhahisoleseding ya PERSAL ba tlatse foromo ya kopo ya tlhahisoleseding ya PERSAL ho ba thusa hore ba kgone ho fuwa tlhahisoleseding e tswang ho PERSAL.
Ena ke tsela e ntjha ya ho etsa bonnete ba hore ho sebediswa tshireletso ya lekunutu, netefatso, le botshepehi ba tlhahisoleseding ya BOTHO.
Dounlouda Foromo ya Kopo ya Tlhahisoleseding ya Persal mona.
Ho ngodisa jwalo ka Titjhere
Haeba o le titjhere e tshwanelehang ka mangolo mme o batla mosebetsi Afrika Borwa, o tlameha ho ngodiswa ho Lekgotla la Matitjhere la Afrika Borwa (South African Council for Educators (SACE)) ho The South African Council for Educators.
Mangolo a hao a ho tshwaneleha a tlameha ho amohelwa bakeng sa mosebetsi lefapheng la thuto pele o ngodisa ho SACE.
Haeba o na le mangolo a thuto a ho tshwaneleha a naha e nngwe, mangolo ana a tlameha ho hlahlojwa ke Lekgotla la Mangolo a Thuto la Afrika Borwa (South African Qualifications Authority) (SAQA) ho The South African Qualifications Authority.
Ithute ka ho eketsehileng mabapi le ho ngodisa jwalo ka titjhere ho The South African Council for Educators (SACE) Kapa ikopanye le bona ho 012 663 9517 / 086 1007 223.
What’s Up Teach ke eng?
“What’s Up Teach?”
Matitjhere a hloka kgothatso ya rona, tshehetso le thuso e le hore a ka ipabola kamoo a ka kgonang kateng. Ka lebaka lena lefapha le thehile What’s Up Teach, e leng makasine o thusang matitjhere a rona le ho a kgothatsa le ho a susumetsa.
Bona ke boikitlaetsa ba DBE ba ho:
Ho buisana ka tlhahisoleseding ya bohlokwa mabapi le mekgwa ya ho ruta le ho bontsha ka mokgwa wa sebele (pedagogy) le ho tshehetsa matitjhere ho ntlafatsa mokgwa wa bona o motjha wa ho ruta;
Ho ntlafatsa ho ithuta ka ho ba le botswalle; le
Ho qala puisano e mafolofolo pakeng tsa Lefapha la Thuto ya Motheo le matitjhere.
Makasine ona o ajwa Dikolong tsohle tsa Mmuso naheng ka bophara mme e hlahiswa dikgwedi tse ding le tse ding tse nne.