Kgetha Puo


Image

BATSAMAISI: POLOKEHO YA BOPHELO BO BOTLE SEKOLONG LE NTSHETSOPELE YA BAITHUTI

(i) Bophelo bo Botle Sekolong le Ditsebo tsa Bophelo:

• Lefapha le fana ka tlhokomelo le tshehetso bakeng sa ho ruta le ho ithuta (care and support for teaching and learning (CSTL)) ho dikolo kaofela tse leng Provinsing ho etsa bonnete ba hore ho na le phihlello e se nang tshitiso ya letho bakeng sa hore baithuti kaofela ba fumane thuto ya motheo ya sekolo hammoho le bokgoni ba ho boloka thuto e jwalo, phumano ya tshehetso le ntlafatso ya tshebetso ya bona dithutong e se nang dintho dife kapa dife tse kginang bophelo ba bona bo botle maikutlong le kelellong.

• Ho etsa bonnete ba hore sepheo sena se a fihlellwa, Lefapha la Naha la Ditjhelete (National Treasury) ka tshebedisano le Lefapha la Thuto ya Motheo (Department of Basic Education (DBE)), le fana ka Thuto ya Tshehetso e Nang le Dipehelo ya Ditjhelete ya Ditsebo tsa Bophelo ya HIV/AIDS (HIV/AIDS Lifeskills) bakeng sa ho kgothaletsa meralo ya setjhaba e sebetsanang le HIV, Ditshwaetso tse Fetiswang ka Thobalano (di-STI) le Lefuba (TB) bakeng sa baithuti dikolong tseo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona tse imetsweng, ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fihlella, ba boloka le ho fumana dithuto tsa boleng lefapheng la thuto ya motheo.

• Ho fihlella Thuso ena ya Tshehetso ya Mmuso ya Ditjhete e Nang le Dipehelo (Conditional Grant), Lefapha le tlameha ho etsa Moralo o feletseng wa Kgwebo wa ditjeo o tsepamisitsweng ho baithuti ba sebele le mesebetsing kapa mananeong a sebetsanang le dintho tse kginang bophelo bo botle le boiketlo ba kelellong le ba setjhabeng e leng dikgino tse ka amang ho ruta le ho ithuta.

• Lefapha la Thuto la Kapa Botjhabela (Eastern Cape Department of Education (ECDoE)) le fana ka tshehetso ena ka ho etsa bonnete ba ho kenya tshebetsong Diejente tsa Tshehetso ho Baithuti (Learner Support Agents (LSAs)) dikolong tse hlwauweng

(ii) Promoushene ya Phihlello (Access promotion):

Promoushene ya phihlello (access promotion) ke Yuniti ya Tshehetso ya Setjhaba le le Matlafatso ya Baithuti (Social Support & Learner Enrichment (SS &LE)) ya lekalana la bolaodi la Bophelo bo Botle ba Sekolong, Bolaodi ba Polokeho le Matlafatso ya Baithuti (Safety and Learner Enrichment (SHS&LE)). E na le Diyuniti tse tharo tse tlasana tse latelang:

- Tsamaiso ya Dihostele le Ditshebeletso (Hostel Management and Services (HM&S));

- Dipalangwang tsa Baithuti (Scholar Transport (ST)) le

- Polokeho Sekolong (School Safety (SS))

Diyuniti tsena tse tlasana tse tharo di bonahala ka tshebetso ya tsona ho Morero wa Tshebetso wa Selemo le Selemo (Annual Performance Plan (APP)) wa Lefapha tlasa Lenaneo

(iii) Mananeo a Ntlafatso ya Baithuti: (Dipapadi, Mananeo a Nalane, Bonono le Botjhaba)

a. Ho kgothaletsa bonngwe dikolong bakeng sa tshebetso e atlehileng.

b. Ho kgothaletsa poelano ya setjhaba, boitsebahatso ba setjhaba, momahano ya setjhaba le phetoho.

c. Ho thibela dikgoka dikolong le ho senngwa ha thepa ya sekolo.

d. Ho fokotsa ho ima ha batjha ba banana.

e. Ho thibela dintho tse senyang setjhaba (tshebediso e mpe ya dithethefatsi, baithuti ba hlekefetsang ba bang ka dikgoka, jl.).

f. Ho hlahisa baahi ba nang le boikarabelo