Kgetha Puo


Image

Ho Etsa hore Dikolo Kgone ho Fihlella Dipheo tsa Sebele tse Sebetsang

  • Tjhebelopelo ya lenaneo lena la Lenaneo la Paballo ya Disebediswa la Dikolo (School Rationalisation Programme (SRP)) ke ho bopa botjha le ho hlophisa botjha sistimi ya thuto mona Eastern Cape ka sepheo sa ho fana thuto ya boleng bo phahameng ho moithuti e mong le e mong, tikoloho e molemo ya ho ruta bakeng sa matitjhere le bokamoso bo molemo bakeng sa rona kaofela. Mishini (mission) ya SRP ke ho fihlella dipheo tsa sebele le ho lokisa dikolo tse nyenyane, tse sa sebetseng hantle e le hore mehlodi ya ditjhelete le basebetsi ba iswa moo ba hlokahalang haholo teng. Lenaneo lena la Paballo ya Disebediswa la Dikolo ke tshebetso e hlophisitsweng ka hloko le ka ho nahela maikutlo mme ho tla ba le diphetho tse ntle, tse behilweng sebakeng se loketseng, tse tsheheditsweng, tse nang le mehlodi le ditsi tse tsamaiswang hantle tsa ho ithuta le ho ruta. Dikolo tsena di tla ba le thepa e molemo haholo ya ho fana ka thuto ya boleng bo phahameng bakeng sa Kapa Botjhabela.

Lenaneo lena Paballo ya Disebediswa la Dikolo la  le tsepamisitswe dibakeng tse latelang:

  • Ho etsa botjha le ho fetola mehaho le dibaka tse ding tsa sekolo ho fihlella ditlhokeho tse fapaneng tsa thuto
  • Ho etsa bonnete ba hore dithuto kaofela tse kgethwang di rutwa ka bokgoni bo nepahetseng le ka mehlodi kapa disebediswa tse nepahetseng
  • Ho atolosa dikgetho tsa dithuto e le hore baithuti ba ka ba le thepa e nepahetseng e ba nehang tsebo e hlokahalang bakeng ho fihlella dipakane tsa thuto le mosebetsi
  • Ho kgothaletsa le ho fana ka dithuto tse sa tlwaelehang tse kang dithuto tsa Temo, Dikgwebo tsa Mawatleng, Mmino le tse ding
  • Ho theha dikolo tse ntjha moo ho hlokahalang
  • Ho theha dihostele tsa dikolo moo ho hlokahalang
  • Ho kwana dikolo tse nyenyane le tse sa sebetseng hantle

 

Dikolo tse nyenyane le tse sa sebetseng hantle tse hahuweng ka thepa e sa lokelang kapa mehaho ya mobu, tseo ho se nang kgonahalo ya hore di tla hola, di ke ke tsa hahuwa.  Dikolo tsena di tla fuwa mehaho ya nakwana ya dibaka tsa boithlwekiso nakong ya tshebetso ya phihlello ya tshebetso ya sebele.